
Dikerese: Bohlokwa ba tsona
Dikerese di Bohlokwa haholo bophelong ba batho, e kaba malapeng kapa hohle fela.
Hangata Dikerese di tsejwa ka ho phomola le ho fodisa, hammoho le bokgoni ba bona ba ho ntlafatsa le ho kgabisa maikutlo leha e le afe a lerato.
Leha ho le jwalo, ho kgantsha kerese hape ke ketso e halalelang e nang le bohlokwa bo bongata ba moya bophelong ba badumedi ba bangata.
Ebang Dikerese di sebediswa bakeng sa ho bonahatsa, ho hokahanya kapa e le pontsho ya lesedi la Modimo ka kutlwisiso ya nama, dikerese di na le moelelo o matla le o tebileng ditsamaisong tse fapaneng tsa tumelo.
Ke mohlodi wa tshepo, karolo ya bohlokwa ya ho fumana phodiso le karolo ya bohlokwa ya ho hokahana le meya e shweleng.
Tumelong ya Bokreste, Dikerese di na le moelelo o tebileng o amanang le evangeli mme di sebeliswa ke dikereke tse fapaneng..
Dikerese di kgantshitso, eseng feela ho ntlafatsa phihlelo ya borapedi kerekeng, empa hape le ho ananela tumelo ka mokgwa o fetang kutlwisiso ya motho.
Ka ntle ho ditshebeletso tsa kereke, ho na le diketsahalo tse ding tse sa tshwaneng tseo ho tsona ho sebediswang dikerese.
Tsena di kenyelletsa dinako tsa boinehelo ba botho le thapelo, hammoho le ho bua mohau pele o ja.
- BALA HAPE:Â Bohlokwa ba Mehlodi ya boitsebiso
Diketsahalong tsena, Dikerese tse tukang di sebeletsa ho mema lesedi la Modimo le boteng ba hae.
- Translator: Karabelo Molapo
