Lengala: Moriana wa sefuba

E tsebahala ka lengana – Artemisia afra – ke semela se nang le monko monate setsebahalang ka wildeals (Afrikaans), umhlonyane (Xhosa le Zulu) and lengana(Sotho le Tswana).

E nale mefuta e kabang 400 ya Artemisia lefatshe lohle, boholoba e sebedisi jwalo ka moriana empa A.

Afra ke ona mofuta feela sele hae sehlopheng seo.

E sebediswa bakeng sa melemo ya ona e fapaneng Artemisia e thusa ka ho laola malaria,hlooho, manywa le ho nylla takatso ya dijo.

Ho tjhesa makgasi le ho hema mosi wa yona ho thusa ha o kwaleha moya, e laola mokgohlane o tlwaelehieleng, ho hohlola, diso mmetsong, tshwaetso le asthma.

Methapo, dikutu le makgasi di sebediswa le lokisetswa e le seno, sepeiti, seretse, ho hlatswa mmele kapa setlotso.

Hape e ya tsujwa, ka senifi kapa seno sa tee e babang.

O ka enka jwalo ka tee, setlanma sa letswejane,ho sijwa le ho ntsha manyowa.

E nngwe ya diketsahalo tse tlwaelehileng ke ho kenya makgasi a foreshe ka hara nko ho e kibolla le ho emisa mokola.

E sebediswa hape dikausung ho maoto monko monate le ho inelwa boranting.

E sebediswa hape ele sefafatsi sa tlhaho se bolayang dikoknyana le dirurubele. Makgasi a futhumetseng a sebediswa ho phuthela moo ho ruruhileng le manonyeletso a bohoko ho fokotsa Bohloko ha setlotso se tswakwa e tlotswe ho laola methapoe ruruhileng.

Dithuto di netefatsa hore tshebediso ya setlama e tswelapele mme sebediswa ho laola mafu a kang tswekere, mafu a pelo le methapo,

mofetshe, ho feelwa ho ntse ho fuputswa. Diphuphutso tse ding dintse di fuputsa ka tshebediso ya Artemisia ho thibela coccidiosis ditsonyaneng tsa kgoho.

Ho nale tshebediso tse nne tse fuweng tokelo ya A. afra, tse pedi di lefung la tswekere, e nngwe e lefung la mofetshe mme e nngwe lefung la tswekere le lefu la pelo le methapo.

  • Translator: Karabelo Molapo