Mounjaro e se tla Sebediswa Afrika Borwa

Mounjaro e kanna ya dumellwa ho sebeliswa Afrika Borwa Hajwale.

Mounjaro e amohetswe hore e sebeliswe kalafong ya lefu la tswekere la Mofuta wa bobedi.

Ho na le tshepo ya hore haufinyane e tla dumellwa ho sebeliswa ho laola boima ba mmele. Mounjaro ke moriana o fanwang ke ngaka Afrika Borwa.

Hajwale, ke dingaka feela tse ka fanang ka Mounjaro. Aspen e rera letsholo la tlhokomediso ya bareki. Letsholo lena le tla ruta batho ka botenya le dikotsi tsa bona tsa bophelo bo botle.

E kgothalletsa batho ba nang le mathata a boima ba mmele ho batla thuso. Mounjaro e na le melemo e mmedi ya ho laola lefu la tswekere le boima ba mmele.

Kamohelo e ka fa batho ba nang le botenya tshepo. Botenya ke bothata bo ntseng bo eketseha ba bophelo bo botle Afrika Borwa.

Letsholo la Aspen le ikemiseditse ho fokotsa sekgobo sa batho ba batenya hara bakudi le bafani ba tlhokomelo ya bophelo.

Tsamaiso ya taolo e ntse e tswela pele mme e lebelletswe ho amohelwa haufinyane.

Ena e ka ba mohato o motle wa ho lwantsha boima bo feteletseng sebakeng sa heno.

Translator: Karabelo Molapo