Thathu o baka Kankere ya letlalo.

Thathu e baka Kankere ya letlalo. Dipatlisiso di pakile hore ho etsa thathu ka di enke ho nyollo monyetla wa hore motho a ka iohumana ana le bothata ba kankere ya letlalo. Dipatlisiso tsena di hlahella ka mora hore ho fumanwe hore hona le batho ba entseng di thathu ka enke e sa tloheng. Leha hole jwalo hoi le ha hlahella hore hona le mefuta e fapaneng eo motho a ka iphumanang a ikentse kotsing ka ona.

Ha motho a entse thathu letsohong la hae mme a entse thathu e kgolo o ipeha kotsing e kgolo ya lefu la kankereha mmoho le lefu la lymphoma. Batho ba nang le di thathu tse kgolo ba kotsing e kgolo haholo ho feta ba thathu di nyane.

Enke ya thathu e kennela ka hara letlalo mme e nyamea ha nako e ntse e tsamaya ka lebaka la mmele wa motho o kgathalang. Ha entse e kenella jwalo mading, ke moo e bokellang Lymph Nodes tse haufi ebe bothata bo qala hona moo.

Ho belaelwa hore masole a motho a mmele ke ona a amohelang enke ebe jwale enke eo e fetela ho Lymph Nodes. Ntho ena ke yona e bang le tshitiso e kgolo tsebetsong ya Lymphatic eo e ka fetohang kankere, Translator: Karabelo Molapo