
Keletso ya dikolo tse seng molaong tse phahameng
Ka nako ena ya selomo, boramenyetla ba bangata jwalo ka ha ba tseba hore batswadi le bana ba qeta ho fumana diphetho mme ba batla dikolo ka potlako.
Motjha kapa motswadi ya batlelang ngwana sekolo se phahameng, o lokela ho etsa bonnete ba hore sekolo seo a ngodisang ngwana ho sona ke se molaong.
Sena seka thusa ho qoba ho jellwa ditjhelete kapa ho etsa mangolo a dithuto a seng molaong a ke keng a nanelwa.
Ho qoba hoba lehlatsipa la tseba tsohle, batswadi kapa batjha ba lokela ho etsa bonnete ba hore sekolo seo se teng dipalong tsa dikolo tse tsejwang ke molao.
1. Ba lokela ho etsa diphuputso tse keneletseng pele baka lefa tjhelete e fe kapa e fe e ka hlokahala.
2. Ba lokela ho batla bonyane motho ya tsebang ka sekolo seo hore ba hlahe leseding ka dithuto tse fumanehang moo.
3. Ba lokela ho lekola e bang ditheo tse jwalo ka DHET, CHE, CHEA, SAQA le Umalusi ditseba ka setheo seo.
E nngwe e bobebe ke ho sheba meaho ya setheo seo. E bang e le sekolo se meahong e sa tshepahaleng kapa ho hlweka, ke setheo se seng molaong.
Tsena tsohle dika thusa haholo ho qobeng ho jowa ditjhelete ka mabaka a sa utlwahaleng mme e bang moithuti a sa fumana sekolo, o tlaba le monyetla wa ho leka hape, hase bofelo ba lefatshe.
BALA HAPE:Â Dikeletso ho batjha ba qalang ho ya dikolong tse phahameng
