
Lengolo la Wili
Wili ke eng?
Lengolo la kabo ya lefa ke tokomane eo ho yona motho a hlalosang se lokelang ho etsahala ka thepa ya hae ha a shwa.
Lengolo la kabo le boetse le hlalosa motho ya lokelang ho hlokomela phahlo ha mofu ho fihlela e shwa.
Haeba o ka shwa ntle le ho etsa lengolo la kabo ya lefa le sebetsang, ho na le mehato e ka nkwang.
Thepa ya hao e tla fediswa ho latela Succession Act 1978.
Sena se bolela hore lefa la hao le tla arolwa ho molekane wa hao ya setseng, bana le beng ka yena.
Mme e seng ho ya kamoo o neng o batla kateng.
Batho bao o ke keng wa batla ho arolelana lefa la hao le bona.
Ba ka nna ba rua molemo ho feta bao o hlileng o ba ratang.
Batho ba bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba hao ba ka nna ba se be le tokelo ya molao ya thepa ya hao.
Haeba o ka shwa o se na lengolo la kabo ya lefa, ho ka nka nako e telele ho kgetha mohlahlobi wa mofu.
Empa ofisiri e kgethilweng ya tshebetsong ya molao e kanna ya se be yena wa pele wa ho kgethwa.
Mme seo se fella ka ho hloka tjhelete. Ntle le moralo o molelele, ho na le tahlehelo ya tjhelete, le ditshenyehelo tse ding tse sa hlokahaleng.
Qetellong, mesarelong eo baratuwa ba hao ba e utlwang ka mora hore o shwe.
Ho se be le lengolo la wili le nang le ditaelo tse hlakileng tsa ditakatso tsa hao.
- BALA HAPE:Â Kotsi tsa Mosi
Ho baka dikgohlano tse ka beng di ile tsa qojwa.
- Translator: Karabelo Molapo
