Lyle Foster o leba America ka kadimo ya selemo 

Sebapadi sa matjhabatjhaba sa Afrika Borwa Lyle Foster, o kgethile ho leba naheng ya America ka kadimo ya selemo hotswa sehlopheng sa hae sa Burnley.

Sena ka mora hore sehlopha se rengwe ke selepe ho tloha ho English Premier League ho leba ho Championship.

Ho ya ka mehlodi ya ditaba, sebapadi sena sene se batlwa dinaheng tse jwalo ka Turkey le France empa tumellano ya fihlelwa le sehlopha sa Houston Dynamo ya America.

Le ha a leba America ka kadimo, kgonahalo e kgolo ya hore Foster a ka bapala America le ha kadimo e fela jwalo ka ha hona le kgonahalo ya thekiso.

Foster o fihlile English ka 2023 a tswa naheng ya Belgium moo a bapalletseng sehlopha sa Westerlo.

Nakong ya hae ho Burnley, mohlabadintlha dintlha enwa wa Bafana Bafana, o hlabile dintlha tse 12 le ho thusetsa ho tse 12 dipapading tse 99 tseo a dibapetseng.

BALA: Mosimane o bua ka phapang ya nako e fitileng le jwale