SAFA e phatlalatsa mokwetlisi wa Bafana Bafana le moifo wa hae 

Mokgatlo o tsamaisang bolo wa SAFA, o tsibisitse Pitso Mosimane jwalo ka mokwetlisi wa sehlopha se seholo sa naha.

Phatlalatso ena e tla ka mora dibeke tsa dipuisano tsa moputso le ditho tsa tlatsetso tseo ka nako e nngwe dineng dikgitlile lejwe.

Mosimane o kena dieteng tsa Hugo Broos ya dutseng dilemo tse hlano e leng nako e lelele ka ho fitisisa nalaneng ya bokwetlisi ba Bafana Bafana.

Mokwetlisi enwa wa mehleng wa Mamelodi Sundowns, Al Ahly le Al Ahli ya Saudi Arabia, o tla sebetsa le ditho tse pedi tseo a tlwaetseng ho sebetsa le tsona Musi Matlaba le Kabelo Rangoaga.

Mokgatlo ke hona o tla tsibisa motlatsa mokwetlisi ya tla thusana le Mosimane ho qala leqhephe le letjha sehlopheng sa naha.

Tebello ke hore Mosimane o tla qala ka mosebetsi hanghang jwalo ka ha sehlopha setla kena kampong ya ho itukisetsa dipapadi tsa ho phunyeletsa mohopeng wa AFCON mafelong a kgwedi e hodimo [Lwetse].