Matla a Setso ho phahamisa kopano Afrika Borwa

Afrika Borwa e na le nalane e rarahaneng haholo, kahoo Letsatsi la Bohwa hangata le tsosa maikutlo a fapaneng ho batho. Leha ho le jwalo, letsatsi lena le re mema hore re shebe metso ya rona ka botshepehi, mme ka nako e tshwanang re bulelehe ho utulla setso sa batho ba re potolohileng. Ha re etsa jwalo, re qala ho utulla kutlwisiso e tebileng ya hore na re bo-mang le hore na ba bang ke bo-mang.

Setso ha bo felle meketeng e meholo feela; bo phela le ditsong tse nyane tsa letsatsi le letsatsi. Dipuo, diaparo kapa mekgabiso, dipina le metjeko e fetiswang melokong, esita le dijo tse re kopanyang tafoleng, tsohle ke dipontsho tsa boitsebahatso. Lefatše leo re hodisitsweng ho lona le ditloaelo tseo re phetseng ka tsona di bopa maikutlo a rona a ho ba karolo ya setjhaba.

Ka hona, ho utulla mekhoa ya ba bang ya bophelo ho thusa hore dikamano di tiee. Leha ho tseba pale ya motho e mong ho ka utlwahala ho tshosa—“re qala kae, mme re botsa eng?”—ho na le tsela e bonolo: Ask. Listen. Tell. (Botsa. Mamela. Bolella.). Moralo ona o reretswe dikereke, dibaka tsa mosebetsi le dikolo.

Ho na le mehopolo e sebetsang eo malapa le metswalle ba ka e sebedisang ka Letsatsi la Bohwa. Ba ka shebella Beyond the River ho Showmax, pale ya banna ba babedi ba tswang bohwang bo fapaneng ba sebetsang mmoho ho tobana le e nngwe ya diphephetso tse kgolo tsa dipapadi Afrika Borwa. Hape ba ka bapala papadi ya dipotso braaing, moo bohle ba ngolang ntho ka bona, dipampiri di kenngwa ka katibeng, mme bohle ba hakanya mong wa polelo.

Mokgwa o mong ke hore motho e moholo le e monyenyane ba buisane ka potso e reng: “Bohwa bo bolela eng ho wena?” Ho boetse ho ka etswa phapanyetsano ya dijo, ho arolelana dijo tsa setso le mmino wa meetlo e fapaneng. Ka tsela ena, Letsatsi la Bohwa ha le keteke tse fetileng feela; le aha marokho a bokamoso bo nang le kutlwisiso, tlhompho, kopano le kutlwelo bohloko Afrika Borwa.

BALA: Metsi ke motheo wa bophelo bo botle le boiketlo ba letsatsi le letsatsi