
Papadi ya ho tshwarana matsoho
Bana ba bapala ka bobedi.
E mong wa ba babedi o tla tshwara e mong ka letsoho ebe a tsoka letsoho kwana le kwana re:
Ingebe ngebaneIsandla somntwanaIthanda bani?Ithanda bani?Ithanda uFana.
Ee tshwarang letsoho a sa phutholoha o ne a tla nahana ka mabitso a kang a lehlanya a seng matle ho ngwana e mong.
Haeba a bitsa lebitso le jwalo, ya tshwerweng ka letsoho o ne a tla tiisa letsoho la hae.
Haeba a bitsa lebitso le letle, e mong o ne a tla etsa hore letsoho le theohe kahoo le thekesele habonolo.
Haeba ka phoso motho ya letsoho la hae le mo tshwereng a ne a lokolotse letsoho la hae ka lebitso le lebe, bana ba bang kaofela ba ne ba tla mo tšheha ba re o rata lebitso leo le lebe.
bana ba ne ba tla tswela pele ho bapala papadi eo ka ho fapanyetsana.
Tlwaela e amanang le papadi ena Le hoja ena e le papadi ya kgale haholo, ha e na semelo sa setso.
- BALA HAPE:Â Papadi tsa Bana tsa boithabiso
Leha ho le jwalo, e ruta bana ho rata batho ba mefuta yohle ntle le kgethollo kaha ha ho a lebellwa ho bona ngwana a lla hobane feela ba bang ba bolela hore o rata ho bitsaa ka lebitso le lebe haeba ka phoso a lokolotse letsoho.
- Translator: Karabelo Molapo
- Source: Ulwazi Programme.org.za
