Bakwetlisi ba Afrika Borwa ba ipabola dipapading tsa kontinente

Bakwetlisi ba bararo ba Afrika Borwa ba kwetlisang dinaheng tse ding, ba sebeditse ka bokgabane mafelong a fitileng a beke dipapading tsa CAF Champions Leagues.

Steve Barker wa Simba SC, Manqoba Mngqithi wa Young Africans le Rulani Mokwena wa Pyramids, ba hapile dipapadi tsa bona le ho fetela mokgahlelong o latelang wa dipapadi.

Barker, o hapile leoto la pele ka 1 – 0 a bapalla lapeng mme a hapa leoto la bobedi ka 6 – 1. Sena se beha kakaretso ya dintlha ho 7 – 1 maoto ka bobedi.

Mngqithi o bapetse maleka a 1 – 1 leotong la pele mme a hapa leoto la bobedi ka 2 – 1 e leng se behang kakaretso ya dintlha ho 3 – 2 maoto ka bobedi.

Mokwena ya hodimo naheng ya Egypt, o hapile leoto la pele ka 2 – 0 mme a hapa leoto la bobedi ka 5 – 1 e leng palohare ya 7 – 1.

Boraro boba botla fetela mokgahlelong o latelang, e bang baka hapa dipapadi tseo, batla fetela mokgahlelong wa dihlotshwana moo e mong wa bona a ka kopanang le se seng sa dihlopha tsa Afrika Borwa e bang dika feta ka bobedi.

BALA: Da Cruz o bua ka Bitegeko ya sa fumaneng nako ya ho bapalaÂ