Phuti Mohafe o na le tshepo ya ho tswelapele le Gallants 

Mokwetlisi ya tlasa kgatello wa Marumo Gallants Phuti Mohafe, o hlalositse ha tsohle ditshwana le maoba le maobane mosebetsing wa hae.

Gallants, ke se seng sa dihlopha tseso hape papadi dipapading tse hlano tseo baseng ba dibapetse sehleng sena.

Le ha hole jwalo, ho utlwahale ha Mohafe a ntse a na le tshepo ya ho tswelapele ka mosebetsi wa hae.

Tsohle ditsamaya hantle empa ke papading ya bolo tsohle dika fetoha ka ho panya ha leihlo,” ho realo Mohafe ho e mong wa ditho tsa KickOff.

BALA: Sundowns e tlola matjato a masesane ho kena dipuisanong le Cele

Mohafe o fihlile sehleng se hodimo sehlopheng a tswa sehlopheng sa Polokwane City.

Dihlopha tse pedi tse boemong ba Gallants, dinyaotse bakwetlisi ba tsona ka mora tshebetso e sa kgahlising mme tebello ke ho bona hore Gallants le Mohafe batla tshwarella ho fihla kae.

Tshebetso ya Gallants:

5 Matches played

2 Draws

3 Defeats

2 points collected

 

Dipapadi tse hlano tse latelang:

Away vs AmaZulu — 12 September

Home vs Orlando Pirates — 20 September

Away vs Sekhukhune United — 17 October

Home vs Siwelele — 30 October

Away vs Golden Arrows — 4 November

BALA: Nkgetheng wa setulo sa SAFA o re mokgatlo o lefe dibapadi