
Baqhekelli ba dikadimo ba utswa ka WhatsApp
Prime Loans e ntshitse temoso e matla ho Maafrika Borwa nakong ya International Fraud Awareness Week, e reng batho ba hlokang tjhelete ka potlako ke bona ba haufi le ho tshwarwa ke qhekello. Letsholo lena le tsamaiswa ke Association of Certified Fraud Examiners (ACFE), mme le ananelwa le ke mmuso wa Afrika Borwa, le matha ho tloha ka la 15 ho isa la 21 Pudungwana. Ho ya ka khamphani, baqhekelli ba sebedisa mecha ya setjhaba le WhatsApp ho iketsa ba fanang ka dikadimo tse molaong.
CEO wa Prime Loans, Nita Morgan, o re baqhekelli ba se ba tseba ho ikhakanya ka mabitso, matshwao le dintlha tsa ngodiso tsa dikhamphani tsa nnete. O hlalosa sena ka ho re, “Baqhekelli ba hlasela batho ba bangata, haholoholo ba tobaneng le ditshenyehelo tse sa lebellwang, mme ba ba tshepisa tumello e potlakileng.” Dipalopalo tsa SABRIC di bontsha hore tahlehelo ya bomenemene ba banka ya dijithale e fihlile ho R2.4 bilione ka 2025, e nyolohile ho tloha ho hoo e ka bang R1.9 bilione selemong se fetileng.
Morgan o re qhekello e qala pele motho a etsa kopo ya kadimo: moqhekelli o qala ka ho shebella diphatlalatso tsa thuso inthaneteng, ebe o letsetsa kapa o romela melaetsa a iketsa moemedi wa mokadimi wa nnete. Kamora ho hapa tshepo, ba kopa dintlha tse kang kopi ya ID, payslip le statement ya banka. “Tlhahisoleseding eo e ka sebediswa ho adimisa ka lebitso la hao ntle le tumello,” ho rialo yena. Patlisiso ya TransUnion e phatlaladitsweng ka Phuptjane 2026 e bontshitse tahlehelo ya mahareng ya R11 055 ka 2025.
Prime Loans e eletsa batho ho netefatsa mokadimi ka boikemelo, ho sheba ngodiso ya hae lenaneng la setjhaba la National Credit Regulator (NCR), le ho belaella “tumello e tiisitsweng” kapa kgatello ya ho potlaka. Hape batho ba tshwanetse ho se ke ba romela tjhelete esale pele bakeng sa “clearance”, “insurance” kapa ditefiso tsa tsamaiso. Bafani ba kadimo ba ngodisitsweng le NCR ba tlameha ho etsa affordability assessment tlas’a National Credit Act, ka hona bareki ha baa tshwanela ho hatellwa hore ba fete melao ena.
