MmeNtateTsaboithabiso

Dikgau tsa KZN di fetoha ka motsotso wa ho qetela

Sebapadi sa Uzalo, Noxolo Mathula, se tsejwang e le Lilly letotong leo, se ile sa amohela ditaba tse bohloko ha lebitso la sona le hulwa tlhodisanong ya Simon Mabhunu Sabela KZN Film and TV Awards. O ne a kgethilwe sehlopheng sa Best Actress Film ka tshebetso ya hae filiming ya Kayise.

Ho ya ka melao ya dikgau tsena, ho kgethwa feela mesebetsi e ileng ya haswa pakeng tsa la 29 Hlakubele 2025 le la 28 Hlakubele 2026. Ho ile ha fumanwa hore Kayise e bontshitswe kantle ho nako ena e behilweng, ka hona filimi eo ya tloswa, hammoho le batho bohle ba neng ba emetse mosebetsi oo.

Sebakeng sa Noxolo, ho kgethilwe Thembi Mtshali-Jones, ya tsejwang haholo ka S’gudi S’naysi le Mbewu The Seed, ka karolo ya hae ho Zenzo Zami. Modulasetulo wa baahlodi, Jack Esterhuyzen, o hlalositse hore ba nkile bohato ka mora ditletlebo, mme ba lokisa diphoso ho sireletsa botshepehi ba dikgau.

Sbusiso Gumbi wa KZN Tourism and Film Authority o itse sepheo sa bona ke ho keteka bataki ba KwaZulu-Natal ka toka. O boetse a re: “Ha ho na le phoso, ke boikarabelo ba rona ho etsa toka pepeneneng le ho netefatsa hore melao e phatlaladitsweng e latelwa ka nepo.” O dumetse hore taba ena e ka be e rarollotswe pele ho phatlalatso ya mabitso.

Diphetoho ha di a fella ho Best Actress Film feela. Ho Best Sound Design, N3 wa Solum o tlositswe, ha kenya Sduduzo Vezi wa Uzalo. Ho Best Screenplay, Mxolisi Mbhele wa Kayise o nketswe sebaka ke Zigizendoda Yeni wa Zenzo Zami. Ho Best Feature Film, The Trek e ntshitswe, ha kena Amathambo e emetsweng ke Sabelo Ndlovu. Le ho Best Television Production ho bile le diphetoho ka lebaka la ho tloswa ha Sah Zungu wa Sigodlo Samatshitshi le Enhle Selesha wa Inkosinathi.