Dibapadi tsa boithabiso ha phepelo ya motlakase 

Kgaolo ya phepelo ya motlakase e ka tlisa pherekano ho batho, empa hape  eka tlisa nako e monate ya tlamahano le ba lelapa .

Ha ho sena motlakase, batho ba ka bapala dipapadi tsa kgale le ho tlisa monate le ditsheho ka matlung a bona.

Dipapadi tsena tse latelang ke dipapadi tse ding tseo o lokelang ho di thabela ha motlakase ole siko:-

Dipapadi tsa Dikarete

Re fumana Uno le kerezeiti, tsena ke dipapadi tse bonolo tse sa batleng ho tekelwa haholo , bonyenyane feela ba dikarete ke bona bo ka etsang kopano ba fana ka lethabo le sa feleng ho sa natse dilemo.

Dipapadi  tsa  di boto (board) 

Dipapadi tse tshwanang le bo Monopoly, Scrabble, Snakes and Ladders (Dinoha) di etsa hore lelapa le dule le kopane, mme ke tse ding tsa di papadi hlabollang kelello.

Papadi ya Metsotso e 30

Papadi ena ke e potlakileng mme e loketse dihlopha, dibapadi di hlalosa mantswe ntle le ho fana ka Karabo e  nepahetseng empa ho lekwa ho atometsa dibapadi tse ding, ha batho ba dinaleli ba leka ho hakanya. Ke tsela e monate ya ho leka tsebo le boqapi. Di-charade

Ha ho na disebediswa tse hlokahalang – monahano feela! Etsa mantswe kapa dipolelo ha ba bang ba nahana. Papadi ena e tlisa ditsheho mme e etsa hore e mong le e mong a hlabollosehe

Pata le ho batla

Ena ke papapdi ya bana ebile ke papadi e ntseng e ratwa  le hona jwale ebile e

bapallwa le ha ho kgantshitswe le direkese, papading ena Bana ba  tla ipata mme hona le a le mong ya tlabe a ikgethile atla ba Batla mme a ba fumane moo ba ipatileng teng, ka tsela ena batswadi ba tlabe ba bohike mme ba ntse ba tsheha 

Ho pheta dipale

Theha phephetso ya dipale tsa lelapa, Motho ka mong o eketsa polelo ya ho theha pale e ikgethang, E hlasela ho theha botsitso le ho matlafatsa ditlamo.

BALA GAPE: 

Mapatjhe a moriti

Sebedisa kerese kapa se kgantsho (torch) ho theha dibopeho tsa diphoofolo leboteng.

Bana ba thabela ho etsa dipapadi ka moriti wa bona wa matsoho.

Kgaolo ya phephelo ya motlakase ha ya tlameha ho tlisa bosula , ka dipapadi tsena, lelapa le tloha bosuleng mme la eba le nako ya lethabo