Ho bolotswa ha Bafodisi le Ditsebi tsa ditaola  Afrika Boroa

Le hoja dingaka tse ngata tsa setho tsa mahaeng di sebedisa Bokreste, di ntse di itshetlehile ka dingaka le ditsebi tsa setho hore di kene dipakeng tsa bona le badimo.

Qalong ya bakena-dipakeng bana, matla a baholo-holo a bitswa ka ho tantsha le ho kwahela sefahleho ka letsopa.

Dibakeng tse ding tse kang Bantwane, ho kenngwa ha dingaka tsa setho ke diketsahalo tse kgolo tse amang batho ba bangata.

Bakeng sa ba kgonang ho e lefella, ditshenyehelo tsa ho lokisetsa disebediswa tsena di kenyelletsa ho laela diphanele tsa difaha tse kgabisitsweng ka mokgwa o rarahaneng.

 Meketeng ya bona ya ho thwasa, dingaka tsa setho di ja nyooko ya dipudi tse hlabilweng.

 Kgoho le yona e atisa ho behwa hloohong ya motho ya lebelloang pele e hlajwa.

Jwale moithati o kwahelwa ke madi a kgoho.

Tshimoloho ya dingaka tsa setho e kenyelletsa polao ya dipudi le dikgoho.

 Marobana a podi a kgomarela mathwasa, a tlotswa ka madi.

Ho dumelwa hore ho apara diaparo tse ntsho, tse kgubedu le tse tshweu di kenyelletsa matla a baholo-holo.

 Mokgwa ona o latelwa ke dingaka tsa setho ho pholletsa le Afrika Borwa.

Ha nako e ntse e ya, tshwelesa ya nyooko e hokeletsweng diaparong tsa dingaka tsa setho nakong ya ho e kenya di yaa ferekana ebe di ya fela.

  • Source: South Africa online
  • Translated by: Masole Mabaleka