Tsa mmele le letlalo

Ho tsuba

Ho tsuba ha ho a loka, mme bongata ba batho ba tsuba hobane bare ba theola seterese mme ba bang ba tsuba hobane ba batla ho ratwa ke metswalle ya bona.

Ho tsuba ho kotsi haholo mme hona le ditlamorao tse mpe haholo, Tsena ke ditsela tsa ho qoba ditlamorao tsa ho tsuba:

Ho tsuba ho a kodisa mme ho fetola le tjhebahalo ka motho: Motho a ka bolawa ke pelo,kankere ha mmoho le mafu a mang.

Ho tsuba hao behe fela motho ya tsubang kotsing, mme ho beha le batho bao o dulang le bona ka lebaka la hore mosi wa ntho eo otlabe oe tsuba o kotsi ho batho ba bang.

Hubbly Bubbly yona ha e a sireletseha ho hang, pele Hubbly hone hothwe e bolokehile empa ho ne ho se jwalo hobane dipapalo palo tsa batho di ile tsa kula mme ba bang ba ile ba hlokahala ka lebaka la yona hubbly.

Mme ha motho a leka ho o tsubisa, o tlameha ho mmoleha hore the, kapa o mmolelle hore o entse dipatlisiso ka kosti tsa ho tsuba mme o nkile qeta ya hore o seke wa tsuba.

Mme haeba o ne o se o tsuba mme o batla tsela ya ho tlohela ho tsuba empa o sa kgone ho tlohela, o ka kopa thuso ho motjo ya neng a tsuba mme a tlohela ho tsuba. Qoba batho ba tsubang le dibaka tseo ho tsubelwang ho tsona.

Translator: Karabelo Molapo