Górnik Zabrze e ikemiseditse ho kgutlela tafoleng ya dipuisano ho fumana Witbooi

Sehlopha sa naha ya Poland Górnik Zabrze, se tswelapele ditekong tsa sona tsa ho fumana lekejakejane la Cape Town City.

Górnik Zabrze, e ikemiseditse ho kgutlela tafoleng ya dipuisano tekong ya ho fumana Emile Witbooi eo lekgetlo la pele ba hlotsweng ke ho mofumana.

Zabrze, e kene dipuisanong tsa pele ka tjhelete e kalo ka R15 million mme City ya latola le ho hlalosa ha Witbooi a bitsa ka hodima R20 million.

Ho ya ka ditlaleho tsa IDiski Times, sehlopha sena sa Europe, se ikemiseditse ho tibisa letsoho ho fumana sebapadi sena pele thekiso ya dibapadi e kwalwa.

Witbooi ya dilemo di 17, e bile yena sebapadi sa sehla ho Motsepe Foundation Championship le ha sehlopha sa hae se hlotswe ke ho hapa sehla le ho nyolohela ho Betway Premiership.

Thekiso ya dibapadi e kwala kgwedi e tlang ya Lwetse mme tebello ke ho bona hore lekejakejane lena letla fela le tsamaye.