
Pirates e monyetleng wa ho fumana mpho ya difate dipapading tsa CAF
Sehlopha se fetetseng mokgahlelong o latelang sa Orlando Pirates, se monyetleng wa ho fumana mpho ya difate hona mokgahlelong oo.
Sena ka mora hore sehlopha seo batla tobana le sona sa African Stars, se bapalle papadi ya bona ya lapeng kwano Afrika Borwa.
Kgonahalo e kgolo ya hore African Stars, e tla bapalla papadi ya bona ya lapeng lebaleng la Lucas Moripe e leng se hlalosang ha Pirates e ke ke ya tswa ka hara naha bakeng sa dipapadi tseo ka bobedi.
Sena e kaba monyetla o moholo wa Pirates le batshehetsi ba sehlopha ho leba dipapading tseo ka bobedi jwalo ka ha di tlaba ka hara province ya Gauteng.
Le ha hole jwalo kgonahalo e kgolo ya hore sehlopha sena se lebise papadi naheng ya Botswana tekong ya ho balehela monyetla o kabang ka lehlakoreng la Pirates le Batshehetsi baka yang papading ka bongata.
Papadi e nngwe ke eo Pirates e tlabeng e le yona e amohetseng baeti lebaleng la Amstel Arena mme dihlopha tse ngata dikgutla moo ka maqeba.
Dipapadi tsena ke tsa ho qetela tsa mokgahlelo wa pele mme e bang Pirates e ka dihapa, e tla fetala mokgahlelong wa dihlotshwana.
BALA: Da Cruz o bontsha ho se kgotsofale ka phoso ya Petersen e boela e jelang Chiefs dintlha
