
Sethibathibane sa Cape Verde se thonngwa dikgaung tsa Ballon d’or
Sethibathibane sa naha ya Cape Verde Josimar José Évora Dias ya tsejwang ka Vozinha, o thongwa dikgaung tse kgolo lefatsheng tsa Ballon d’or.
Sena ka mora tshebetso eo a e bontshitseng mohopeng o fitileng wa lefatshe dinaheng tsa America, Mexico le Canada ka kopanelo.
Vozinha ya dilemo di 40, o hara dithibathibane tse hlwahlwa lefatsheng tse qothisanang lehlokwa bakeng sa kgau ya 2026 Yashin Trophy.
Vozinha o bapetse dipapadi tse nne kaofela mohopeng wa lefatshe mme a bapala tse pedi ntle le ho hlajwa ntlha.
BALA: SAFA e hlwaya Morena Ramoreboli jwalo ka motlatsa mokwetlisi
4 Matches
2 Cleansheets
5 Goals Conceded
18 Saves
Hara dibapadi tseo sebapadi sena se ipabotseng ka makgabane ho tsona, ke papadi kgahlano le Spain moo papadi e fedileng ka maleka a 0 – 0 le papadi kgahlano le Argentina moo ba hlotsweng ka 2 – 3.
Vozinha ke karolo ya dithibathibane tse tharo tse emetseng Afrika mokgahlelong wa dithibathibane.
🇨🇻 Vozinha — Cape Verde
🇲🇦 Yassine Bounou (Bono) — Morocco
🇸🇳 Édouard Mendy — Senegal
Sebapadi sena kesa pele sa naha ya Cape Verde ho thonngwa bakeng sa dikgau tsena tse kgolo lefatsheng la dipapadi.
BALA: Lebitso la Zwane le tlola menyenyetsing ya bokwetlisi ba sehlopha sa naha
