Bokeletsa lesa sele: Keletso ya ho beha tjhelete

Ha selemo se qala boholo ba batho habo etse ditekenyetse tsa ditjhelete e leng ntho e bohlokwa haholo eo batho ba lokelang ho e etsa.

Tshebediso ya ditjhelete ke motheo wa bohlokwa oo batho re lokelang ho ithuta ona ho qoba kgatelong ya maikutlo kapa kgatello e sa hlokahaleng.

Ha selemo se qala, batho ba lokela ho etsa merao e tsepameng le ho hlaka ya ditjhelete bakeng sa dintho tsohle tsa bohlokwa.

Taba ya hore selemo ke hona se qalang, hase lebaka hore batho ba ka hlolwa ke ho bokeletsa tjhelete.

Pokeletso ya ditjhelete tsa ditlhoko tsa dintho tsa maria, e lokela ho qala hana jwale e le ho qoba kgatello ha nako eo e fihla.

Ntho e monate ka ho bokeletsa lesa sele ke hore motho o kgona ho itekanyetsa tjhelete eo a ka qalang ho bokeletsa ka yona.

Sena setla thusa hore a kgone ho etsa ditlhoko tse ding tsa kgwedi le kgwedi ntle le ho sitisa meralo ya hae ya tshebediso ya ditjhelete.

Motho ya sokolang ka tshebediso ya ditjhelete, a ka batla thuso bathong ba tseban ka ditjhelete e le ho thusa ka meralo ntle le ho fa motho tjhelete hore a mo sebedisetse yona.

 

BALA HAPE: Keletso ya dikolo tse seng molaong tse phahameng