
Keletso ya matsatsi a phomolo hlakoreng la dijo
Matsatsi a phomolo ya lehlabula le mafelo a selemo a kene mme boholo ba batho botla leba malapeng ho iketla le baratuwa ba bona.
Nako ena ke eo ka yona boholo ba malapa a fumanang meputso ya seo baneng ba sebokeletsa hara selemo e kaba tjhelete kapa dijo.
Boholo ba malapa botla arolelana dijo tseo hangata ditlang dile ngata ka nako e le nngwe mme sena e phela e le bothata.
Malapa a mang a fumana dijo tsena mme ba disebedisi le ho dija ka sekgahla se makatsang e leng ntho e sa lokang hobane le Pherekgong batla hloka dijo le ho bona e ka ke kgwedi e lelele.
Keletso ke hore malapa a lokela ho ja dijo ka tekano le ha dile ngata ho ipapisitswe le taba ya hore kgwedi etlang ya Pherekgong, lekeno letla le fokola ka lebaka la matsatsi a phomolo mme mpa yona e tlabe e ntse e hloka dijo.
Hoba teng ka bongata ha dijo haho hlaloso hore batho ba lokela ho ja ka tsela ya ho senya.
Malapa a ka latela tsela tse latelang ho thusa ho boloka dijo:
1 Batho ba lokela ho ja se phehilweng ka letsatsi leo ntle le ho tletleba.
2 Dijo tsa letsatsi dilokela ho rerwa; e sebe dijo tse phehwa fela hobane motho a batla tsona.
3 Dijo dilokela ho bolokwa ka sehatsetsing kapa sebakeng seo dikekeng tsa senyeha ho sona.
4 Dijo tse potlakang ho senyeha dilokela ho rekwa ka palo e tlase ho qoba ho senyeha.
