
Ho sebetsana le lefu ka lapeng
Ha hoba le lefu ka lapeng, tsohle di a fetoha, ho a thola mme haona motho a buang ntho di hana hofela.
Bohloko boy a kenella mme bo tlisa mahlomola, pherekano le ho kwata.
Ntho ya pele ke ho amohela, ho lahlehelwa ke motho eo o moratang ho bohloko empa ho amohela ho thusa haholo hore motho a tle a fole ka pele nyane.
O tlameha h olla haeba ho hlokeha hore o lle, bua maikutlo a hao mme o kope ba lelapa le metswalle hore ba o thehe.
Ho lukisetsa lefu ho a imetsa mme o ka kopa e mong wa leloko ba o thuse ka e meng ya mesebetsi ho hafola boima ba teng.
Hopola hore hao lahlehetswe ke bao o ba ratang o keke wa fola ka letsatsi le le leng.
Hangata o tlameha ho sebedisa mantswe a bonolo ho hlalosa se etsahetseng.
Dumella batho ba pela hao ba ntshe maikutlo a bona ka tsela ya bona.
Ho fola ke leeto eseng lebelo, batla thuso ya ditsibi haeba ho hlokahala.
Ka nako, bohloko bo a kokobela, bophelo ha bo satla tswana empa lerato le tla dula le le teng.
- Translated by: Karabelo Molapo
