
Chiefs le Sundowns ditla iketla ha Pirates le Durban City dikena kgabong
Dihlopha tse pedi tsa Afrika Borwa tse tla emela naha dipapadi tsa kontinente sehleng sena, ditla fumana mpho ya difate ha tse pedi ditla qala leeto la tsona mafelong ana a beke.
Kaizer Chiefs e tla bapala CAF Confederation Cup le Mamelodi Sundowns e tla bapala CAF Champions League e bile e tshireletsa, ditla fetwa ke mokgahlelo wa pele wa dipapadi tsa pele tsa kontinente.
Sena ka lebaka la tshebetso ya dihlopha tsena sehleng se fitileng sa dipapadi le ha Chiefs e felletse tselang.
BALA:Â Cardoso o hlakisa taba ya Mokoena a ipapisitse le menyenyetsi ya Al-Ahli
Ka lehlakoreng le leng, Orlando Pirates e tla bapala ho Champions League, e tla bapala papadi ya bona ya pele moo batla etela naheng ya Ivory Coast moo batla thulana le Le Cure Sylvester SC.
Durban City, e hapileng mohope wa Nedbank, e tla bapala ho Confederation moo e tla thulana le Rukinzo ya Burkina Faso.
Chiefs le Sundowns, ditla bapala mokgahlelong wa bobedi mme mafelong ana a beke batla bapala dipapadi tsa sele hae.
BALA:Â Sundowns e batla ho kwala sekgeo sa Adams ka sebapadi sa South AmericaÂ
