Batswadi ba lokela ho theha Bana

 

 

Botswadi ba tla le lethathamo le sa feleng la dintho tseo ba lokelang ho di etsa, empa ho tsohle ke sepheo se le seng se bonolo: ho hodisa bana ba thabileng, ba phelang hantle.

Ho tshehetsa bophelo bo botle ba ngwana hase feela ho etsa bonnete ba hore ba ja meroho kapa ba robala ka ho lekaneng (le hoja seo se thusa); e boetse e mabapi le ho theha sebaka se sireletsehileng moo ba ikutlwang ba utlwa, ba ratwa le ho utlwisiswa.

Batswsadi ba eletswa hore ba hokahane le Bana ba bona letsatsi le leng le le leng ka ho etsa mesebetsi e dumellang moqoqo o phutholohileng le boikutlo ba tshireletso.

Ha dintho di le boima, nako e kgutsitseng e ka thusa ngwana wa hao hore a fetole menahano ya hae hape mme a qobe ho nyolosetsa boitshwarong ho isa boemong bo mpefalang; ho bolela mohlodi o ka hodimi.

O boetse o kgothalletswa ho babatsa ngwana wa hao ka boiteko le seo a se finyeletseng, esita le mehato e menyenyane le ho hodisa boitlhompho ba bona ka ho bontsha lerato, le kamohelo, le ho ba thusa ho ipehela dipakane tseo ba ka di finyellang.

BALA HAPE: Ho hlokomela motho a nang le kokwanahloko

Tlhokomelo ya Bana e dumela hore ditlwaelo le dinako di bohlokwa bakeng sa ho hlophisa mesebetsi ya lelapa le ho thibela merusu.

Translator: Karabelo Molapo

Source: http://Bona Magazine