
Papadi ya Bana le batho ba baholo (Dilotho)
Dilotho ke potso kapa setatemente kapa bothata bo tlabe bo buawa ka tsela e itseng ebe ho lebelletswe karabo ho motho ya tlabeng a lothwa.
Dilotho ke papadi e bapalwang ke bana kapa lelapa nako eo le tlabe le dutsi mmoho, mme papadi ena e ka pabalwa ke batho ba babedi kapa ho feta.
Sebapadi se seng se tla fana ka gselotho mme ba bang ba bapalang le ena ba tlameha ho nahana karabo e nepahetsemg mme y aba lothng o tla emela ba fane ka karabo.
Dilotho di thusa dibapadi mme le batho ba Basotho haholo ka ho kgabisa puo. Nnete ha ngata ha fapangwa ke selotho se buuweng, mme karabo e tsebahala hang fela ho fannwe ka hlaloso e nepahetseng.
Jwalo ka maelana, dilotho di na le nnete etswang ho tsebo tsa batho, ho etswa papadi ya ho nahana mme papadi eo e tlabe e itshetlehile ho nnete tsa bophelo , dintho tse etsahalang nnete.
Papadi ena e ruta batho hore ba ikamahanya le tsela tsa ho phela ho latela motse oo ba phelang ho ona. Ba entsha setshwantsho sa dikamano tsa batho, mme papadi ena e kenyelleditse ntho tsohle tseo batho ba di tsebamg empa ha ba so kabab a kopana le tsona.
Dilotho di ka sebediswa le hona jwale kgolong ya naha le moruho wa naha.
- Translator: Karabelo Molapo
- Sources: Riddles in Sesotho
3
