papadi ya Bana(dibeke)

Papadi ena ke papadi e bapalwang ke banana kapa hona batho ba baholo, mme ke ba papadi tsa boithabiso nakong tsa phomolo.

Papadi ena ha e a fapana hole le papadi ya kriket.

Papadi ena e tsebahala ka Nikkies, skaloulo le Kimberley Jim.

Ke papadi e pabalwang ka bolo mme e bapalwa ke dihlopha tse pedi tse nang le dibapadi tse 12.

Banana ba tsheletseng le bashanyana ba tsheletseng.

Papadi ena e pabalwa ka mokgwa wa hore sehlopha se itseng e tlaba sona se hlaselang mme ebe se seng sona se leka ho e tshireletsa.

Melao ya papadi ena:

papadi ena ha ngata e bapallwa mabaleng a tswang le di keraonde

Basedi ba tlameha ho fumantshwa ditlha tsa bona mme ba hasane ba potapote lebanta lena.

Mokgwa wa ho bokella ditlha ha ho bapalwa papadi ena ae tswana le ya Kirikete.

Bahlasedi ba papadi ena ba rahelana bolo, mme basireletsi bona ebe batla sebedisa matsoho ho fitisetsana bolo ka boiteko bah o tshwara bahlasedi.

Papadi ena e bapalwang jwalo ka sepheo sa ho phephetsa dibapado hore di fumane dintlha tse ngata ka Hoya hodimo le tlase.

Dintho tse hlokahalang papading ena.

Bolo, Theipi ya dimitara tse 30,karete e Tshehla le e kgubedu, di. Folokga tse pedi.

Leqhephe moo hotla ngolwa dintlha kaofela, diboto tse pedi tse bontshang nako eo ho engweng ka yona.