
Ouaddou o tshireletsa “Taemane” ya Pirates Oswin Appollis
Mokwetlisi wa Orlando Pirates, Abdeslam Ouaddou, o amohetse hore Oswin Appollis ha a so be boemong ba boikwetliso boo sehlopha sa botekgeniki se bo batlang. Leha ho le jwalo, sebapadi seo se ntse se nkuwa e le sa bohlokwa morerong wa sehla sena.
Appollis ya dilemo tse 24 o se a hlahetse dipapading tsohle tse hlano tsa Pirates tlhodisanong ya ligi le mohope sehleng sena, mme o se a kentse sepheo se le seng ligi. Sena se fapane le qaleho ya sehla se fetileng, moo a ileng a hlahella e le e mong wa dibapadi tse neng di tshepisitse haholo.
Papading ya leoto la pele la semi-final ya MTN8, ha Pirates e hlola Sekhukhune United e le kantle Polokwane ka Moqebelo, Appollis o ile a bonahala a sa nepahale menyetleng, a ntshwa ka motsotso wa bo-65. Ouaddou o boletse hore o ne a se a lebelletse mathata ho dibapadi tsa matjhaba tse tswang ho 2026 FIFA World Cup.
Ouaddou o hatelletse tlhokahalo ya ho sireletsa sebapadi sena hore se se ke sa qetella se lemetse, haholoholo ha sehla se sa ntse se le selelele. O itse: “You are right to say he’s one of our best players and when you have a diamond in your house you have to protect him,”
O boetse a hlalosa hore mafapha a tshebetso, bongaka le botekgeniki a sebetsa mmoho ho kgutlisetsa Appollis boemong bo botle, ha ka nako e tshwanang a leka ho thibela dikotsi tse ding. Sena se tla ka mora hore Thalente Mbatha a se a buuwe karo, mme Evidence Makgopa le yena a ntse a lemetse.
