Cardoso o hopotsa molomo ditaba ka mora ho hlola Milford 

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hopoditse molomo ditaba ka mora ho hlola sehlopha se manganga sa Milford.

Sundowns, e hlotse Milford ka 2 – 0 papading ya Betway Premiership e bapetseng bosiung ba laboraro lebaleng la Loftus Versfeld.

Cardoso o hlalositse ha Milford e le sehlopha se matla se makaditseng batho sehleng se fitileng sa dipapadi.

“O hopole hore sehlopha sena se hlotse bo mang sehleng se fitileng. Ba hlotse Sekhukhune le Orlando Pirates ho leba ho makgaolakgang a Nedbank,” ho realo Cardoso.

“Ke sehlopha se bapalang papadi e tswileng matsoho, haba fihla kwano ka phoso.”

BALA: Lyle Foster o leba America ka kadimo ya selemo 

Sundowns e kwetse sekgeo se dipakeng tsa bona le Pirates e dutseng boemong ba pele.

Ka bobedi dihlopha tsena dibokeleditse dintlha tse 13 ka mora dipapadi tse 5 mme ke tse ding tsa dihlopha tse nne tse so lahlehelwe sehleng sena.

Sekgeo dipakeng tsa Pirates le Sundowns ke dintlha tse hlajoweng [goal difference] moo Sundowns e hlajoweng dintlha tse ngata ho feta tsa Pirates.

BALA: Dithejane o ikwalla ka dibapadi tsa Chicago Fire ho kenyeletsa Lewandowski