Gallants e hlothola mokwetlisi wa African Stars pele a tswa ka hara naha

Sehlopha sa Marumo Gallants se tsibisitse mokwetlisi ya motjha wa sehlopha ka mora ho arohana le Phuti Mohafe.

Gallants, e tsibisitse ha Ronnie Fillemon Kanalelo eo e neng e le mokwetlisi wa African Stars e tlaba yena mokwetlisi wa sehlopha.

Kananelo o ne a le ka hara naha ka dipapadi tsa kontinente le sehlopha sa African Stars pele ho qeto ya ho tekena le Marumo Gallants e neng e hloka mokwetlisi.

Kananelo ke letswallwa la Namibia mme o kile a bapalla Mamelodi Sundowns e le sethibathibane le sehlopha sa naha ya Namibia.

Pele a sebetsa jwalo ka mokwetlisi, Kananelo o sebeditse le dihlopha tse jwalo ka Maritzburg United le Bloemfontein Celtics jwalo ka mokwetlisi wa dithibathibane.

Mosebetsi wa Kananelo o moholo e tlaba ho hapela Gallants papadi ya pele jwalo ka ha sehlopha se so hape papadi sehleng sena.

BALA: Bakwetlisi ba Afrika Borwa ba ipabola dipapading tsa kontinente