Dikeletso ho batjha ba qalang ho ya dikolong tse phahameng

Maqalo a selemo e dula e le maqalo a diphepetso tse ntjha bathong ba bangata ba fapaneng ho akaretsa baithuti ba qeteng ho sebetsa hantle mophatong wa 12 (grade 12).

Boholo ba baithuti bana ba iphumana ba loleka ho tloha lapeng le ho leba ditoropong tse kgolo bakeng sa dikolong tse phahameng mme sena setla le diphephetso.

Baithuti ba lebang ditsing tsa dithuto tse phahameng e dula e ba mahlatsipa a ditlatlapo tsa mefuta e fapaneng ditoropong tse kgolo ka lebaka la ho se tsebe dibaka le ho potlakela ho fumana thuso.

Keletso ho sehlopha sena sa baithuti ke hore hang ha ba fihla ditoropong tse kgolo, ba qobe ho botsa motho e mong le e mong bakeng sa tsela kapa dibaka tseo ba hlokang ho ya ho tsona.

E bang motjha a sa tsebe sebaka, a ka qala a botsa mokgani wa taxi ka nako eo a ntseng a le ka taxing bakeng sa tsela le sebaka.

Leano le leng ke ho botsa batho ba baholo ba rekisang ka thoko ho tsela kapa meaho ho ena le ho botsa mofeta ka tsela eo a ka lekang ho qhekanyetsa kapa ho fana ka tsela e fosahetseng.

E nngwe ya dintho tseo batjha ba lokelang ho e ela hloko ke ho dumela mofeta ka tsela a thusa ka merwalo, haholo dikgaitsedi hobane e ba tsona mahlatsipa.

E bang motjha a kgona, a ka batla koloi e molebisang sebakeng seo ka kotloloho, a ka tloha le motho eo a motshepang lapeng ho motsamaisa tsela ka nako eo a jereng dithoto.

Tsena tsohle dika thusa ho thibela ho tlatlatjwa thepa ya bohlokwa kapa ho fuwa tsela e fosahetseng le ho tlallwa ke naha o le hole le lapeng.