Letona la dipapadi le batla tjhelete ya lefapha ya VAR ho SAFA 

Letona la dibapadi, bonono le boikgatholo Gayton McKenzie, o hlalositse ha mokgatlo o tsamaisang bolo wa SAFA o lokela ho kgutlisa tjhelete ya lefapha.

Mantswe a McKenzie ya bonahetseng a halefile, a tla ka nako eo dipotso tsa VAR ditswelang pele ho botswa.

McKenzie o hlalositse ha lefapha le ntshitse tjhelete e kalo ka R13 ho thuseng ha tshebdiso ya VAR empa haho nko hotswa lemina lehlakoreng la SAFA.

“Ke fanne ka 13 Million, ke e fa SAFA, empa nkase kgone ho etsa ho feta,” ho realo McKenzie ya bonahetseng a halefile.

“Ke ngotse lengolo ho ya ho SAFA, moo ke hlalositseng hore ba kgutlise tjhelete mme ba kopile matsatsi a 21 ho bontsha tshebetso.”

McKenzie o hlalositse ha batho basa lokela ho sheba yena jwalo ka letona hobane lefapha la hae le e ntse mosebetsi le ho ntsha tjhelete.

McKenzie o hlalositse ha a le dipuisano le mokgatlo o tsamaisang bolo lefatsheng wa FIFA ho leka ho fumana tharollo.

“Ke buile le FIFA mme ba itse ke ngole lengolo le ho sebedisa metjha e meng ho fumana VAR.”