
Ntate: Seabo sa hae ka lapeng
Ntate ke hlooho ya lelapa.
Boikarabelo ba Ntate bo ka sehloohong ke ho hlokomela le ho sireletsa ba ntlo ya hae.
O etsa bonnete ba hore ba na le dijo, bodulo le tjhelete.
Ho ya ka moetlo, Ntate o hlokomela leruo le temo.
O tsoha hoseng ho ya alosa dikgomo le ho disa masimo.
Bashanyana ba ithuta ho eena ho hlokomela dinku le ho lema.
Jwaloka hlooho ya lelapa, o etsa diqeto tsa bohlokwa mabapi le bana ba hae, ditokisetso tsa lenyalo le lelapa.
O boetse o emela lelapa dikopanong tsa setjhaba le di kopanong tsa kgotla (lekgotla la setso).
Nakong ya mekete ya setso, Ntate o etella pele dithapelo le meetlo bakeng sa badimo.
Ha bana ba hae ba nyalwa, Ntate o bapala karolo ya bohlokwa dipuisanong tsa mahadi (ho reka monyaduwa).
Le hoja bophelo ba kajeno bo fetotse tse ding tsa dikarolo tsena, banna ba bangata ba Maindia ba ntse ba e-na le boikarabelo bona.
Kajeno, bo-Ntate ba sebetsa diindastering tse sa tshwaneng empa ba ntse ba nkww e le motheo wa lelapa.
Le ha basadi ba kenya letsoho ditjhheleteng, ntate e ntse e le eena mofepi.
Ntate wa setso ha se motswadi feela – ke motataisi, mosireletsi le tshiya ya matla.
- TRANSLATOR: Karabelo Molapo
