
Letsatsi la bo Mme
Ha kgwedi ya Mmesa e fihla bofelong, Letsatsi la BoMmè le ntse le atamela.
Selemong sena le letsatsi lena le tlaba ka Sontaha sa la 11 Motsheanong.
Le hoja ba bangata ba keteka Letsatsi la Bo-Mmè ka dimpho tsa maikutlo, ba bang ba ka nna ba batla ketsahalo ya ho keteka basado bophelong ba bona.
Batho ba bangata Afrika Borwa ba fa boMma bona dimpho.
Bana ba banyenyane ba ne ba tla etsa jwalo etsa dimpho le dikarete tse entsweng hae tse ananelang bohlokwa ba tsona bomme maphelong a bona.
BoMmè ba ne ba tla fuwa dimpho tse turang tse kang mabenyane hammoho le dipompong tse kang diluku le dichokolete.
Bana ba bang ba tla ba ise mmè wa bona phomolong ho ya phomola.
Ba bang ba ne ba etsa mesebetsi ya ka ntle e kang ho ya pikiniking kapa ho hloma diahelo hammoho le lelapa lohle le beng ka bona.
Tsatsing lena, ho ya lebopong la lewatle kapa ho fana ka letsatsi la spa bakeng sa bo-Mmè, ho felehetswa ke bana le hona ke tlwaelo e tlwaelehileng ya letsatsi.
Letsatsi la Bo-Mmè le ketekwa ka ho fana ka dimpho tse kang dikarete, dipalesa, chokolete. Malapa a mangata le ona a tla kgetha ho senya bo-Mma bona ka dijo tsa hoseng tse kgethehileng.
E kanna ya ba dijo tsa hoseng betheng! Batho ba bang ba na le maeto a kgethehileng a ho ya difiliming, dipikiniki kapa ho ya reschorenteng le bo-Mma bona, bo-nkgono kapa basadi ba bang ba kgethehileng bophelong ba bona.
BALA HAPE:E kojwa e sale metsi
Ke letsatsi la hore meloko yohle ya lelapa e kopane ho keteka dintho tsohle tse ntle tseo bo-Mme ba re etsetsang tsona.
- Mongodi: Karabelo Molapo
- Etswa Ho:http://Bona Magazine.co.za
