
KwaZulu-Natal e etsa nalane ka ho hlola Free State
Profenseng ya KwaZulu-Natal e entse nalane ka ho ipabola ka makgabane dithutong tsa sehlopha sa 12.
KwaZulu-Natal, e tswile boemong ba pele le ho tlosa Free State eo e sale e tswa pele dilemo tse fetang tse hlano tse fitile dipalo palong tsa baithuti ba sebeditseng hantle ditekong tsa bona makgaolakgang.
Tshebetso ya KZN, e makaditse batho ba bangata jwalo ka ha Profense ena e ne e le ka tlasa Gauteng le Free State ka dilemo tse ngata mme sena kajeno se fetohile.
Phatlalatsong ya sephetho ka letona la thuto Siviwe Gwarube, Afrika Boroa e bile le ntlafalo ya 0.7% papisong le selemong se fitileng mme palo ya selemong sena ya naha e dutse ho 88%.
Diprofense ka ho fapana dibile le ntlafalo papisong le dilemong tse fitileng le ha Free State le Gauteng ditheohile boemong ba tsona.
Mabatowa (districts) kaofela ka hara naha a fumane ka hodima palo ya 80% e leng se bontshang ntlafalo papisong le dilemo tse fitileng.
Northern Cape eo e neng e le yona boemong ba ho qetela selemong se fitileng, e dutse boemong ba bohlano ka mora ntlafalo e kgolo ya 3,59% mme ba dutse ho 87,79%.

BALA HAPE:
