E kojwa e sale metsi

O ka nna wa ipotsa hore na ‘ebe ngwanenwa o kenwe keng?

Ke nnete hore ke batla a thabe empa eseng hore a inke a le betere ho feta batho ba bang.

Empa na ho ka etsahala hore o kgone ho ruta ngwana wa hao ho ikokobetsa feela o sa mo theole seriti dilemong tsa morao tjena?.

Haesale batswadi ba kgothalletswa ho fa bana ba bona dintho tseo ba di batlang.

Ebile hothwe batswadi ba rorise bana le haeba ho sena ntho e itseng eo ba e entseng, haesitana le hore ba se ke ba ba kgalemela.

Hothwe haeba batswadi ba tshwara bana ka tsela ena e kgethehileng, bana ba tla hola ba itshepa.

Empa ha e le hantle ditlamorao tsa seo ke dife?

Buka e bitswang Generation Me e re: “Ho e na le hore bana e be ba itshwereng hantle le ba thabileng, kgothaletso ena e entse hore bana ba ikgohomose.”

Bana ba bangata ba hodiswang ba roriswa le ha ho sa hlokahale, ba hola ba sa itokisetsa ho swetseha, ho phoqeha le ho tshwauwa diphoso.

Ka ha bana bana ba rutilwe ho itjheba bo bona feela, ba qetella ba fumana ho le thata ho ba le setswalle se tshwarellang le ha ba se ba hodile.

Ka lebaka leo, bongata ba bona ba ba le kgatello ya maikutlo.

Bana ba ka ikutlwa ehlile e le ba bohlokwa haeba ba babatswa ka ntho ya bohlokwa eo ba e finyeletseng eseng hobane feela ba dula ba roriswa le ha ho se na mabaka. Sena se hloka ho fetang feela ho itshepa.

SEO O KA SE ETSANG

1.Thoholetsa bana ba hao ha ehlile ho hlokahala

2.Kgalemela bana ba hao ha ho hlokahala.

3.Thusa ngwana wa hao hore a tadime bophelo ka tsela ya sebele.

4.Ba kgothaletse ho fana.