
Ho Ipaballa pasekeng
Kgwedi ya mmeso ke kgwedi e nang le matsatsi a phomolo a setjhaba ka ho fetisisa ka selemo.
ho bolelang hore ka matsatsi a seng makae a phomolo a behilweng, o ka thabela phomolo e telele e ntle.
Ho molemo le ho feta, ho batswadi bohle, e tsamaisana le matsatsi a phomolo a sekolo.
Empa pele o paka mekotla wa hao Mme o ya phomolong e oloketseng, bala malebela a rona a polokeho ya matsatsi a Paseka.
Hao setse o le mong lapeng, o lokela ho:
Bolella khamphani ya Hao ya tšhireletso hore o ya phomolong.
Netefatsa hore ho na le bekapo ya beteri bakeng sa alamo ya hao haeba motlakase o ka tima.
Hlahloba hore na difensetere tsohle di kwetswe, mamati a notletswe le hore, haeba o na le tsona, dokhamera tsohle tsa hao tsa tšhireletso dia sebetsa le hore o ka di beha leihlo o le hōle.
Kenya disensara tsa motšheare kapa di detectors tse tsamaeang ka ntle ho ntlo ya hau.
Kopa moahelani ho hlahloba ntlo ya hao, ntsha mangolo a Hao, bula le ho kwala dikharetene tsa hao, mme o bonese mabone a hao le ho a tima.
Kenya a mang a mabone a hao ka hare esita le TV kapa seea-le-moya sa hao ho di-timers, ho hlahisa maikutlo a hore ho na le motho ya teng hae.
- BALA HAPE: Ho sokola Boroko Bosiu
Se ke sa beha merero ya Hao ya matsatsi a phomolo metjheng ya ditaba tsa setjhaba – dinokwane le tsona di na le phihlello ya inthanete.
- Translator: Karabelo Molapo
- Source: http://indwe.co.za
