
SENOTLOLO SA HO DULA MAPLE STREET: Leeto la Lebo la ho reka ntlo
Dilemo tse hlano Lebo Mashele a lora hoba le ntlo ya hae Highveld. Lelapa le jarete.
Sebaka seo mabota a sona e seng a motho e mong empa toro ya hae ya bonahana e le hole ka lebaka la diphephetso tsa ditjhelete.
Tsohle difetohile letsatsi le leng ha Mashele a bona letshwao la “Eya rekiswa” le tataiso ya ABSA ya ho reka matlo (ABSA Home-Buying Guide).
Leeto la hae hala qala ka ntlo empa le qadile ka dinomoro.
Mohato wa 1: Ho hlasela dinomoro
Mohato wa pele wa Mashele e bile ho utlwisisa seo a ka kgonang ho se reka. O sebedisitse calculator ya marangrang ho bala le ho kopanya mokgolo wa hae ho lekola seo a ka se kgonang.
Ha a fumana lengolo le bontshang tseo a ka dikgonang, ho utlwahetse ha mohato wa pele e phethahetse. Toro ya hae e bile le meedi le tsela ya tshebediso ya ditjhelete eo a ka e tshepang.
Mohato 2: Tsomo le nyehelo e ngotswe ka letsoho,
Lebo o qadile a santse a matha. O shebile matlo, a kena matlong a butsweng le ho kena dikopanong ho marangrang.
Ke ha a fumana ntlo ya kgale ya phaphusi tse pedi tsa ho robala mmileng wa Maple, sefate sa Maple se hapileng pelo ya hae.
Pele a nka mohato, o lekotse dithekiso tsa moraorao haufinyana ho etsa bonnete ba hore o reka ka theko e nepahetseng.
O ngotse kopo ya ho reka (Offer to Purchase) le ditumelano tsa ho reka. O boetse a ela hloko lenane la tsohle tse hlokahalang mme o ne a sa ikemisetsa ho lahlehelwa ke stofo sa kgase seo a seratileng.
Mohato 3: Potso e kgolo – Ho batla kadimo ya ntlo
Hang ha morekisi a amohetse OTP, mosebetsi o matla ke ha a o qala. Lebo o rometse ditokomane ho ABSA le ho emela bahlahlobi ba ditjhelete ho hlahloba.
Ha diphuputso dikgutla mme tsohle ditsamaile hantle, o llile seboko sa thabo. Toro e ne e se ya letsatsi le leng empa e le ntho e etsahalang.
Ho tlile mohlahlubi ya hlahlobuleng boleng ba ntlo mme ka mora moo a tekena tokomane ya ho qetela le ho fumana Home Owners Comprehensive (HOC).
Mohato 4: Ho ema – phapanyetsano le ngodiso
Sena e bile mohato o boima wa ho emela ho kenyeleditseng mahlakore a mararo.
• Maqwetha ho fetisetsa ntlo mabitsong a hae
• Maqwetha ho ngodisa ntlo
• Motho ya sebetsang ka matlo ho qetela tsohle jwalo ka ha a tekenne thaba ya dipampiri. Motho ya netefatsang tsohle o nkile beke tse pedi ho netefatsa tsohle.
Tsena tsohle dink ile nako e kalo ka kgwedi tse tharo jwalo ka tebello.
Bosiu o ne a nahana medumo ya makala a difate tsa maple a fefolwa ke moya
Mohato 5: Mohato wa ho qetela
O kene mohala oo a neng a o emetse; ngodiso e phethetswe. Ntlo ke ya hae jwale.
Lebo o radile ho kena ka hloko, ho batla metswalle, ho ngola mabokose le ho hlwela tsohle.
Tsatsi la ho kena e bile letsatsi leo a le behileng e leng se bileng monate.
E nngwe ya ntho tsa ho qetela tsa bohlokwa e bile ho etela masepala hore ba bule metsi, motlakase le ho bula buka ya hae.
O ne a batla tsohle dibe hantle ha a kena ka hare.
Senotlolo, toro le qalo e ntjha ya ho ema o le mong ntlong e sa tshelang. Lebo o ne a tshwere shwanhla ya dinotlolo ka letsohong ha modumo wa ntlo e sa tshelang o otla ka dikgonahalo.
O eleletswe hore o ne asa bule lemati empa o ne a bula bokamoso ba hae – ho ahweng ka boitukisetso, tataiso le boitshepo boo a bonkileng.
Strateng sa Maple, toro ya Lebo e fumane nomoro ya ntlo mme e bebofaditswe ke ABSA Home-Buying Guide.
Bakeng sa dintlha ka botlalo le ho qala leeto la hao, etela www.absa.co.za
