Tlhodisano ya AVBOB ya dithothokiso e kene kgweding ya ho qetela

Tlhodisano ya selemo le selemo ya dithothokiso ya AVBOB, e kene kgweding ya yona ya ho qetela.

AVBOB e fana ka monyetla ho dithothokisi kapa bangodi ba dithothokiso ho kenanela tlhodisano ya selemo le selemo e nang le moqeqeko o ka hatjwang.

Tlhodisano ena e dilemo di 9 e matha, e fana ka monyetla ho sethothokisi ka seng ho nyehelana ka dithothokiso tse 10 tseo ho tla kgethwang e le nngwe e tswang pele.

Dithothokisi tsa dipuo tse fapaneng tsa kwano Afrika Boroa dikgothaletswa ho kenela tlhodisano le ho qotisana lehlokwa le dithothokisi tsa maleme a fapaneng bakeng sa moputso o hlamatsehang.

AVBOB ha e kgetholle mofuta wa thothokiso. Ha fela thothokisi e sa nyenyefatse kapa ho hlapaola, mongodi a ka e romela hore e hlahlojwe le ho beheletswa le tse ding.

Tlhodisano ena e nyehelana le ka monyetla ho sethothokisi ho ngola dithothokiso tseo ba dumelang ditla kgona ho bakopanya le mmadi ka tsela ya ho bala mme AVBOB e fana le ka monyetla wa ho bala dithothokiso tse ngotsweng dilemong tse fitilleng leqhepheng la bona (online library).

Selemong sena tlhodisano e ne e matha ka moelo (theme) o reng; I Wish I’d Said…mona dithothokisi dilebeltswe ho latela le ho tsepamisa melathothokiso le melaetsa ya bona sehlohong sa selemo.

Tlhodisano selemong sena e tla kwalla kala 30 Pudungwane ka 23:59. Nka karolo le wena o arolelane tsebo le maikutlo a hae le setjhaba ka puo ya kgetho ya hao.

Ka ho kenela, o ipeha le monyetleng wa ho hapa moputso le dimpho hotswa ho AVBOB. Leba leqhepheng la AVBOB Poetry bakeng sa dintlha ka botlalo.

 

BALA HAPE: Nedbank e kgakola “Tailored Solutions” bakeng sa kgwebo tse nyane Afrika BoroaÂ