
Matshwao ho ngwana ya hlekefetswang ka motabo
Batswadi ba tlameha ho netefatsa hore ba lekola diphetoho tse ka bang teng ho ngwana e kaba ka maitswaro, maikutlo.
Ngwana ya hlekefetswang ka motabo aka ikgesolla, a ba le letswalo mme a dula a tshuhile.
Ba ka iphapanya dibaka tse ding ntle le lebaka, mme ba ena le ho fetoha ha ngata, ba eba bohale, seo e kaba tsela ya bona ya tlosa seterese Bana ba bang ba a phofa, ba bang ba sokola ho robala.
Ngwana ya neng a ena le boitshepo ha a sana bona mme o qetella ana le kgatello ya maikutlo.
Haeba ngwana a se a bua puo tse sa nepahalang le bana ba bang kapa hona a se a batla ho sebedisa dintho tse pabalang hore a etse ntho tse sa lokang.
Hhoo ho ka hlakisa hore ngwana eo osatswa feta maemong ao.
Ngwana e seng a sa sebetse hantle di thutong tsa hae, a se a sena kgahleho ho seo a neng a se rata e kaba matswao a mang a ho hlakisa kgatello.
Tse ding tsa matswao e kaba maqeba a sa tsebahaleng a hlaha kae, ho tswa madi, ho se phuthulohi ka bo ka tlase.
Haeba ngwana a leka ho fana ka matswao kapa a tlaleha taba eo, motswadi o lokela ho sekehela ngwana wa hae tsebe mme a etse bo nnete hore o bolokehile.
Motswadi o lokela o batla thuso ya ditsibi ka potlako, mme seo seka thibela ebile ka thusa ngwana hore a seke senyeha maikutlo le kelello nakong e tlang.
Polokeho ya ngwana e itshetlehile hodima ho hadimeha ha motswadi, tshepa letswalo la hao.
- Translator: Karabelo Molapo
