
Meetlo ya Sezulu: Motjeko
Dilemong tsa bo 1800 morena wa ha Zulu e leng Morena Goodwill Zwelithini o tlisitse mokete ona wa motjeko ha Zulu. O bone mokete ona Swaziland lehaeng la pele la mofumahadi wa hae e moholo.
Mokete ona o thehetswe ho keteka le ho thabisa basadi ba banyane ka pelehi ya bona. Le ha ho le jwalo, le barwetsana ba keteka borwetsana ba bona mme ba kgothalletswa ho ipoloka.
Ona ke mokete o tshwarwang selemo le selemo mme o tsejwa haholo setsong sa Sezulu ka ha o tlile le morena wa bona.
O qadile kamora qaleho ya UDF mme wa thusa hore batho ba morabe o le mong ba utlwane ba thusane.
Kajeno mokete ona o ntse o etswa ha Zulu mme o ba moholo haholo. Morena wa bona o tshwanela ho ba teng moo mme ho ya binwa, ho ya tantshwa, ho ya jewa.
Barwetsana ba yang moo ho tloha dibakeng tse fapaneng tsa lefatshe ba apara setso se kenyelletsang difaha.
BALA Hape: Meetlo ya Baxhosa: Lebollo
Source: www.southafrica.co.za
Translator: Masole Mabaleka
