Tsela eo bana ba mahaeng ba holang le ho ithabisa ka yona

Bana ba holelang mahaeng ha se ha ngata ba eba le ntho tsa ho bapala tse rekwang.

Ba ithabisa ka ditsela tse fapaneng tse kang ho bapala ka dijana le dipitsa tsa kgale ba ithute ho pheha.

Bana ba bang bona ba bapala ka dintho tseo ba iketseditseng tsona ka letsopa kapa ka ho kopanya terata le ho hong ho etsa koloi.

Ha ngata ke bana ba banana ba bapalang ka dipitsa ba etsisa bo mme hae mme sena se ba thusa ho ithuta mosebetsi.

Bana ba bashanyana bona ba etsa dikoloi ba sebedise dikolobe ho palamisa ba bang e le ha ba etsisa bontata bona mesebetsing ya bona.

Mahaeng ka ha ho na le leruo  bana ba bashanyana ba rata le ho hlokomela dintja.

Nakong e nngwe ba ka tsamaya le tsona e le ha ba ilo ithuta ho tsoma.

BALA Hape: Meetlo ya Sezulu: Motjeko

Bana ba holelang mahaeng ba bapala ka tseo ba ithutang mosebetsi ka tsona mme di ba tswela molemo.

Source: www.southafrica.co.za

Translator: Masole Mabaleka