
Meetlo ya Baxhosa: Lebollo
Dilemong tse ka bang 150 tse fetileng marena a Afrika Borwa le Ba San ba ne ba bone hore lebollo e be ntho ya ho lokisetsa banana le bashanyana bokamoso ba bona.
Bashanyana ba ne ba fuwa lerumo ke bontata bona e le sesupo sa hore ba se ba phethile lebollo mme sena se etswa moketeng wa bona o bitswang ‘Umgidi’ .
Lebollo la bona le ntse le tswela pele mme le etswa ditoropong le mahaeng.
Le ha ho ntse ho ena le dingongoreho ka tsa bophelo empa lona lebollo le ntse le tswela pele ho etswa.
Pelepele lebollo le ne le tsejwa e le moetlo oo bohlokwa ba teng e ne e le ho tiisa ‘bakhwetha’ hore e be masole a tlo lwana dintweng le hore ba tsebe ho nyala.
Ditsebi di bolela hore Baxhosa ba nkile lebollo ho Basotho mme ha nako e ntse e tsamaya la ata ka hara mefuta ya Baxhosa e kang ‘Thembu’ le ‘Mpondo’.
BALA Hap: Ho bolotswa ha Bafodisi le Ditsebi tsa Afrika Borwa.
Source : www.southafrica.co.za
Translator: Masole Mabaleka
