
Keletso ho batswadi ka dipalangwang tsa bana tsa sekolo
Jwalo ka ha dikolo diqeta ho bulwa, e nngwe ya ntho tsa bohlokwa e tlodiswang mahlo ke dipalangwang tse sebediswang ke bana.
Boholo ba batswadi haba e le hloko mefuta ya dipalangwang tseo bana ba bona ba dipalamang. Ntho e bohlokwa ho boholo ba batswadi ke ha bana ba fihlile dikolong mme hara nako e baka mathata.
Dipalangwang tse ngata tse sebediswang ke bana ho ya sekolong ke tse sa lokelang maemo a tsela mme sena se bonahala ha ho hlahile kotsi.
Boholo ba bakgani ha bonkele hlohong ho lokisa dipalangwang le ka mora ho fumana meputso ho tswa ho batswadi.
Ho qoba mathata a dipalangwang tsa bana ba sekolo, batswadi ba eletswa ho ele hloko ntlha tsena tse latelang.
1. Nnetefatsa hore mokgani o na le mangolo a ho kganna dipalangwang tse palamitseng batho.
2. Nnetefatsa hore sepalangwang sena le mangolo a nepahetseng a tsela.
3. Motswadi o lokela hoba le nomoro tsa mohala tsa motho ya tsamaisang ngwana hae hore e bang ho kaba le seo a se hlokang e sebe bothata.
Engwe ya ntho tsa bohlokwa ke ho utlwisisa hore sepalangwang se palamisa bana ba palo e kae ka nako e lengwe ho qoba tshubuhlellano.
Ke boikarabelo ba motswadi e mong le e mong ho etsa bonnete ba hore bana ba bolokehile ka hara sepalangwang e le ho qoba tse sa tsejweng tsa tsela.
BALA HAPE:Â KwaZulu-Natal e etsa nalane ka ho hlola Free StateÂ
