
Kotsi tsa Mosi
Ha boemo bo bobe ba leholimo bo hlasela boholo ba Afrika Boroa, batho ba bangata ba sokola ho futhumala har’a serame se batang le boiteko ba bona ba ho futhumala ka linako tse ling, bo fella ka lefu.
Ka moruo o sa tsitsang batho ba bangata ha ba khone ho reka likobo tsa motlakase le li-heaters, kapa esita le ho kenya leifo.
Likarolong tse ling tsa naha, ba bangata ha ba khone ho ba le likobo tse ngata tse hlokahalang nakong ena.
Ka lebaka leo, batho ba bangata ba khetha brazier e besitsoeng ka mashala kapa imbawula (lentsoe la Sezulu le bolelang: setofo sa nakoana sa mashala se etselitsoeng ho tuka ka nako e telele) se ka lebisang chefung ea carbon monoxide ’me sa fella ka lefu.
Carbon monoxide ke khase e chefo e se nang ‘mala, e sa nkhang hamonate e entsoeng ke ho tuka ho sa fellang ha carbon.
Ntle le moea o nepahetseng, carbon monoxide e ka eketseha ka potlako ho fihlela maemong a kotsi
- BALA HAPE:Â Letsatsi la bo Mme
Matshwao a ho kula e kaba
-Ho opeloa ke hlooho.
-Ho tsekela.
– Bofokoli.
– Ho nyekeloa ke pelo le ho hlatsa.
– Ho otla ha pelo ka potlako
– Ho hema ka thata.
- Translator: Karabelo Molapo
- Etswa ho:Â http://Bona Magazine.co.za
