
Ho emisa tlhekefetso dikolong
Tlhekefetso e ka hlaloswa e le ketso ya maikemisetso e phetaphetwang ka maikemisetso a ho lematsa ka ho otla.
Kapa hona ho bua mantswe a sa lokang Ban aba bashenayana ke bona hangata e bang mahlasipha a tlhekefetso.
Motswadi e mong le emong o tlameha ho kenya letsoho ha a fumana hore ngwana wa hae wa hlekefetswa.
Ha ngwana a hlekefetswa a ka fumanswa a se a na le mathata a tswanang le kgatello ya maikutlo ha mmoho le kgtello ya monahano.
Tsena kaofela dika etsa ngwana a iphumane a sebedisa dithethefatsi ebile a sa a sa sebetse hantle dithutong tsa hae.
Tseo motswadi a ka dietsang hothibela ho hlekefetseha ha ngwana ka hara jarete ya sekolo.
Ho ruta ngwana ka tlhekefetso, ngwana ha a na le tsebo ka yona a ka kgona ho e bona ka nako.
BALA GAPE: Ho sireletsa letlalo la hao
Etsa bo nnete ba hore nako e kgolo le e nyane o mamela maikutlo a ngwana hore hotle ho ne bobebe hore ngwana atle a bue le ha ase ana le mathata.
