
Ho ruta bana Maikarabelo a tjheletse: Ho boloka Tjhelete
Ho ruta bana ka mekgwa ya ho ba le maikarabelo a tjhelete ho tloha ba sale ba nyenyana dilemong ho ka thusa hore ba be le mekgwa e metle ya tjhelete.
Ho utlwisisa tshebediso ya ditjhelete, hoba hlomella ka ditsebo tseo batla di sebedisa bophelo ba bona kaofela.
Ha bana ba rutwa ka tsa ditjhelete, ba utlwisisa taba ya ho fumana tjhelete, ho boloka tjhelete le ho sebedisa tkhelete ka bohlale.
Ba qala ho utlwisisa hore tjhelete e a fokola mme ba tlameha ho e sebedisa ka tlhoko.
Mohlala, Ho fa ngwana tjhelete e nyenyana le ho mo thusa ho re a tsebe ho rera mekgwa wa ho sebedisa tjhelete ho mo ruta ho etsa diqeto le ho beha dintho tsa bohlokwa pele.
Ho etsa moralo wa tshebediso ya tjhelete ho boetse ho etsa hore motho abe le mamello le boitshwaro.
Haeba ngwana a batla ntho ya ho bapala hore a fumane seo, a ka ithuta hore tjhelete eo a ntseng a e fumana hotswa ka lapeng ae boloke hore atle a fumane seo hona le hore ha a qala a fumana tjhelete ebe o lebella ke ho ikgotsofatsa hang hang.
Sena se aha kananelo bakeng sa moralo wa nako wa ditjhelete, ho feta moo ho ruta ngwana moroalo wa ditjhelete e sale ka nako ho thibela mathata a ditjthelete nakong e tlang.
Batho ba bangata ba baholo ba tobane le dikoloto tse gata haholo ka lebaka le ho se tsebe ho sebedisa tjhelete ka nepo.
Bana ba rutwang ka tsa di tjhelete bas a le banyane ba hola ba utlwisisa hore ditekanyetso tsa di tjhelete mme ha ba na monyetla wa ho sebedisa tjhelete e ngata kapa hona ho wela marabeng a ditjhelete.
Batswadi le dikolo ba tlameha hore ba bapale karolo e kgolo haholo thutong ya ditjhelete.
Diketso tse bonolo tsa ho etsa basekenete ya ho beha tjhelete kapa hona ho etsa lethathama la ho reka ka hara tekenyetso e kaba dithuto tse matla.
Ho ruta bana ka tshebediso ya di tjhelete bas a le banyenyane ke ho ba lokisetsa bokamoso bo sireletsehileng ditjheleteng.
