Papadi tsa Bana tsa boithabiso

Bakeng sa bana ba bangata ba hōletseng lekeisheneng sebaka se le seng feela, ba ne ba nahanne ka lebala la dipapadi moo diterateng.

Dipapadi tsena di ne di akarelletsa ho bapala dipapadi tsa ka ntle jwaloka Tree Tins, Intonga, Moruba, le Fushu le bana ba bang ho fihlela mabone a diterata a kgantsha ho bontsha hore ba lokela ho mathela malapeng a bona.

Ho itekanela bakeng sa ho tlotla, kgokahano bakeng sa mefokson Lentswe le binang bakeng sa morethetho.

Monate wa papali ke wa ho sisinyeha ha maoto le ho opa diatla ha sebapadi se leka ho fihlela menahano yohle ntle le ho kenya thapo dipakeng tsa maoto a sona.

Dibapadi tse pedi di kgetha kapa tsa kgethelwa ho tsokotsa thapo. Ba ema maemong a fapaneng. Dipapadi tsena di tsokotsa thapo ho etsa loop le ho e tsokela tlaase ho feta hodimo lefatshe (hoo e ka bang jwalo ka ha eka baa e fiela).

Dipapadi tse ding di qhomela hodima thapo ha e fihla sebakeng se tlaase-tlaase.

Bala hape: Zamani Mbatha o Tlo bapalla Shaka ILembe

Nakong ya papadi e itlelang feela, dipapadi di tlola thapo ka tatellano efe kapa efe. Leha ho le jwalo, ba ka boela ba kgetho taelo e itseng ea ho qhoma.

Translator: Karabelo Molapo

Source: Ulwazi Programme.org.za